Jeremia 7:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)26 Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona. Ver CapítuloBIBELE26 Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona.’ Ver Capítulo |
Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.
Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.