Jeremia 7:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)25 Esale mohla ke ntshang bontata lona moholo lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela ba baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ka tsatsi le leng le le leng, mme ke ba roma. Ver CapítuloBIBELE25 Ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang naheng ya Egepeta ho fihlela kajeno, ka makgetlokgetlo, le ka matsatsi wohle, ke nnile ka le romela bahlanka ba ka, e leng baporofeta bohle. Ver Capítulo |
Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.
Ho ntse ho bolokwa mantswe a Jonadabe, mora Rekabe, ao a kileng a laela bara ba hae ka wona hore ba se ke ba enwa veine, mme ha ba e nwe le kajeno, hobane ba ntse ba utlwa taelo ya ntata bona moholo. Mme nna nkile ka nna ka bua le lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa; le mpa le sa ka le nkutlwa.
Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.