Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme ho tla thwe: Ke hobane ba hlile ba lebetse selekane sa Jehova, Modimo wa bona, ba kgumametse medimo esele, ba e sebeleditse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ba tla araba, ba re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bona, ba rapela medimo esele, ba e sebeletsa.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:9
16 Referencias Cruzadas  

Ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a tee molodi, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?


Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.


Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ho rohakwe motho ya sa mameleng mantswe a selekane sena,


O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.


Bohle ba di fumaneng ba ne ba di ja, bao e leng dira ho tsona ba ne ba re: Ha re na molato, kahobane ba hlile ba sitetswe Jehova, leaho la ho loka, tshepo ya bontata bona, yena Jehova.


Ho itswe ke Jehova: Erekaha ba lahlile molao wa ka oo ke neng ke o beile pela bona, ba sa ka ba utlwa lentswe la ka, ba sa ka ba tsamaya ka lona;


Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ba tla le tshedisa, hobane le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tle le tsebe hoba hase feela ha ke mo etsa tsohle tseo ke mo etsang tsona: ho rialo Morena Jehova.


Ditjhaba di tla tseba hoba ba ntlo ya Iseraele ba ne ba isitswe kgolehong ka baka la bokgopo ba bona, le kahobane ba ne ba ntshitetswe: ke ne ke ba patele sefahleho sa ka ke hona ka ba neela matsohong a dira tsa bona, ba ba ba dihuwa ke lerumo kaofela ha bona.


Hoo e tla ba sekgobo le nyediso, thuto le makatso pontsheng ya ditjhaba tse o teetseng hare, mohla ke o hlahisetsang dikahlolo ka bohale, le ka kgalefo, le ka dikgalemelo tse bohloko. Ke nna Jehova ke buang taba tsena.


bona le ditjhaba tsohle ba tla re: Na ke ka baka lang ha Jehova a entse lefatshe lena jwalo? Kgalefo ya bohale bona bo boholo hakalo e tswa kae na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos