Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.
Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?
bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.
O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.
Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.
Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.
Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.
Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.
Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;
Ka tsatsi leo, baporofeta ba tla hlajwa ke dihlong, e mong le e mong ka pono ya hae, ha a ntse a porofeta; ha ba sa tla apara kobo ya boya, ho bolela leshano.
Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.