Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka tsatsi leo, baporofeta ba tla hlajwa ke dihlong, e mong le e mong ka pono ya hae, ha a ntse a porofeta; ha ba sa tla apara kobo ya boya, ho bolela leshano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 13:4
11 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: E ne e le monna ya apereng boya, ya itlamileng letheka ka leqhama la letlalo. Yena a re: Ke Elia wa Thishba.


mehleng eo, Jehova a bua ka Esaia, mora oa Amotse, a re: Eya, o hlobole lesela le mahwashe le lethekeng la hao, o role dieta maotong a hao. A etsa jwalo, a ya a hlobotse, a sa rwala dieta.


Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.


Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?


Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.


Johanne o ne a apere boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo, a eja ditsie le dinotshi tsa naha.


Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos