Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema.
Jeremia 49:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ke tla hlaba mokgosi wa ntwa ka wona hodima Rabba wa bana ba Ammone, mme o tla etswa qubu ya dithako, metse ya bona e tjheswe ka mollo; mme Iseraele o tla rua lefa la ba neng ba mo ruile, ho bolela Jehova. BIBELE Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena. |
Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema.
Thaba ya Sione a e ke e thabe, mme baradi ba Juda ba nyakalle ka baka la dikahlolo tsa hao.
Sione o utlwile, mme o thabile ke hoo; baradi ba Juda ba nyakalletse dikahlolo tsa hao, Jehova.
Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.
Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako.
Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.
Bakeng sa bana ba Ammone, ho itswe ke Jehova: Na Iseraele ha a na bana, na ha a na mojalefa na? Malkome o jelang lefa la Gade, setjhaba sa hae se ahile jwang metseng ya hae?
O etse tsela e nngwe ya lerumo ho ya Rabba wa bana ba Ammone, e nngwe ho ya Jerusalema, motse o matla wa Juda.
Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,
ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.
Ba ka nqa borwa ba tla rua thaba ya Esau, ba lehwatata ba rue Bafilesta. Ba tla rua le naha ya Efraime, le naha ya Samaria, Benjamine yena a rue Gileade.
Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.
Baiseraele ba hapa metse yohle, ba aha metseng yohle ya Baamore, Heshbone, le metseng e meng yohle e pusong ya bona.
O tla bokella thepa yohle ya wona kahara lepatlelo, mme o tla tjhesetsa Jehova, Modimo wa hao, motse oo, le mesebetsi ya wona yohle, e tla nne e be qubu ya dithako kamehla, tse ke keng tsa boela tsa hahuwa.
[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]
Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.
Bana ba Josefa, ba re: Thaba e ke ke ya re lekana, hobane Bakanana kaofela ba dutseng lehwatateng ba na le makoloi a tshepe; ke ba Bethe-Sheane le metse ya teng, le ba lehwatateng la Jisreele.