La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 48:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mosenyi o tla kena motseng o mong le o mong, ha ho motse o tla pholoha; kgohlo e tla senngwa, lehwatata le ripitlwe, hobane ho boletse Jehova.

Ver Capítulo

BIBELE

Metse yohle e tla futuhelwa, e futuhelwe ke motimetsi, ha ho motse le o mong o tla phonyoha. Ba phelang ka kgohlong ba tla ripitlwa, ba phelang dithoteng le bona ba timetswe, hobane Morena o boletse jwalo.

Ver Capítulo



Jeremia 48:8
10 Referencias Cruzadas  

Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Theoha bokgabaneng, moahi, moradi wa Dibone, o itulele thoteng e omeletseng, hobane mosenyi wa Moabe o o futuhetse, o sentse diqhobosheane tsa hao.


Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.


Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.


ha ho le jwalo, bona, ke tla phetla lehlakore la Moabe, ho tloha metseng ya hae e pheletsong ya hae, e etsang naha botle: Bethe-Jeshimothe, Baale-Meone, le ho ea fihla Kiriathaime;


ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone


le metse yohle e ka lehwatateng, le mmuso wohle wa Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, eo Moshe a neng a mo hlotse, yena le dikgosana tsa Midiane e e leng Evi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, bao e neng e le batho ba Sihone, ha ba ntse ba ahile fatsheng leo.


ho tloha Aroere o lebopong la sekgutlo sa Arnone, le motseng o hara sekgutlo, sehlaba sohle sa Medeba ho isa Dibone;