Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:8 - BIBELE

8 Metse yohle e tla futuhelwa, e futuhelwe ke motimetsi, ha ho motse le o mong o tla phonyoha. Ba phelang ka kgohlong ba tla ripitlwa, ba phelang dithoteng le bona ba timetswe, hobane Morena o boletse jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mosenyi o tla kena motseng o mong le o mong, ha ho motse o tla pholoha; kgohlo e tla senngwa, lehwatata le ripitlwe, hobane ho boletse Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:8
10 Referencias Cruzadas  

Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


“Lona tjhaba se ahileng Dibone, theohang moo tlotleng ya lona, le dule fatshe, mobung o dipekane, hoba ya timetsang Moabe o tla le futuhela, a ripitle metse ya lona e haheleditswe.


Batupi ba etseditse Babilona lelobelo, bahlabani ba yona ba ba thopile, diqha tsa bona tsohle di robehile, hobane Morena ke Modimo ya phetetsang, o tla ba lefeletsa ka ho tlala.


“Lona tjhaba sa ka, aparang tse mahwashe, le be le ipitike hara molora; le lle se bohloko sa mmokotsane, le lle jwalokaha eka le llela mora ya mong, hoba motimetsi o tla futuha, a futuhe ka ho tsometsa.”


ke tla etsa hore metse ya Moabe e meeding, metse ya Bete-Jeshimote le Baale-Meone le Kiriataime, eo e leng tlotla ya naha eo,


le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone,


le metse yohle e phuleng, le naha yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, eo Moshe a neng a mmolaye hammoho le mahosana a Midiane: Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng mahosana a Sihone, a neng a ahile naheng ena.


Ho tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motse o kahara kgohlo, le phula yohle e tlohang Medeba ho ya fihla Dibone;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos