Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:9 - BIBELE

9 Neang Bamoabe mapheo ba fofe, ba fofe ba ikele hole, hobane metse ya bona e tla fetoha masupi, e fetohe masupi a hlokang baahi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Neang Moabe mapheo, hore a fofe, a tlohe, hobane metse ya hae e tla fediswa, ho be ho hlokwe le moahi ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:9
8 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


Ke kenwe ke letswalo, ke a thothomela, ke aparetswe ke tshabo.


Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re:


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Tlamang thoto ya lona le be baphaphathehi, lona matswallwa a naha ya Egepeta, hoba Nofa e tla ba nanaola, e hloke baahi.


Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.


Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.


Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos