Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 ho tloha Aroere o lebopong la sekgutlo sa Arnone, le motseng o hara sekgutlo, sehlaba sohle sa Medeba ho isa Dibone;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ho tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motse o kahara kgohlo, le phula yohle e tlohang Medeba ho ya fihla Dibone;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 13:9
15 Referencias Cruzadas  

Ba ya, ba tshela Jordane, ba emisa Aroere, ho le letona ho motse o hara kgohlo ya Gade, nqa Jaesere.


Ba adima makoloi a dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; le yena morena wa Maaka le setjhaba sohle sa hae ba tla, ba emisa pela Medeba. Bana ba Ammone ba phutheha metseng ya bona, mme ba tloha ho ya ntweng.


Haele tsa metse le masimo a yona, bana ba Juda ba bang ba kile ba aha Kiryath-Arba le metseng ya teng, le Dibone le metseng ya teng, le Jekabtseele le metseng ya teng,


Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.


Theoha bokgabaneng, moahi, moradi wa Dibone, o itulele thoteng e omeletseng, hobane mosenyi wa Moabe o o futuhetse, o sentse diqhobosheane tsa hao.


le Dibone, le Nebo, le Bethe-Diblathaime,


Mosenyi o tla kena motseng o mong le o mong, ha ho motse o tla pholoha; kgohlo e tla senngwa, lehwatata le ripitlwe, hobane ho boletse Jehova.


Re ba betsitse ka metsu ya rona. Tsohle di sentswe ho tloha Heshbone ho isa Dibone; re sentse ho ya fihla Nofake, le ho isa Medeba.


Ho qala ka Aroere, e lebopong la nokana ya Arnone, le motse o leng pela nokana, ho isa Gileade, ha ho a ka ha eba motse o re sitang. Jehova, Modimo wa rona, a re neela yona kaofela.


Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.


Haele Barubene le Bagade, ka ba nea karolo e nngwe ya naha ya Gileade ho isa nokaneng ya Arnone (bohare ba noka ke moedi) le ho isa nokaneng ya Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.


Ke Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone; o ne a busa naha ho tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone, mahareng a sekgutlo, le sekoto se seng sa Gileade, ho isa molapong wa Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.


le metse yohle ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, ho isa moeding wa bana ba Ammone,


Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;


Haele Barubene, le Bagade, le mothapo o mong wa Manasse, ba nkile lefa leo Moshe a neng a ba neile lona mose wane wa Jordane, nqa botjhabela, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a ba neile;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos