Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 15:8
15 Referencias Cruzadas  

Banna ba hao ba tla dihuwa ke lerumo, bahale ba hao ba ya fela ntweng.


Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.


Mehleng eo, basadi ba supileng ba tla itshwarella ka monna a le mong, ba re ho yena: Re tla ja bohobe ba rona, re ikapese ka dikobo tsa rona; feela re bitswe ka lebitso la hao, o tlose nyatso ya rona.


Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa bara le bakeng sa baradi ba ka tswalwang nqalong ena, le bakeng sa bomma bona ba ba belehang, le bakeng sa bontata bona ba ba tswalang fatsheng lena:


Ka baka leo, o neele bana ba bona tlala, o ba telle lerumo; basadi ba bona ba hloke bana, e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu, le bahlankana ba bona ba hlajwe ke lerumo ntweng.


Ke tla o memela basenyi, e mong le e mong a tle ka dibetsa tsa hae, ba tle ba reme dikedare tse ratehang tsa hao, ba di lahlele mollong.


Bolellang ditjhaba, le tsebise Jerusalema, le re: Ba tlang ho mo patela ka ntwa ba tswa lefatsheng le hole, mme ka mehoo ba lwantsha metse ya Juda.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.


Re entswe dikgutsana tse se nang ntata tsona, bomma rona ba jwaloka bahlolohadi.


Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.


O tla kgoptjwa motshehare, moporofeta a kgoptjwe le wena bosiu, mme ke tla fedisa mmao.


hobane le tla wela ba ahileng lefatsheng lohle jwaloka sefi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos