Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 15:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke ba olosa ka seoloso dikgorong tsa naha, ke timetsa ba batjha ba setjhaba sa ka, le sona ke a se fedisa, hobane ha se bakele mekgwa ya sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ke tla ba fefera ka fereko ya ho fefera, ke ba feferele menyakong ya motse. Ke tla ba bolaela bana, tjhaba sa ka ke se fedise, hobane tsela tsa sona tse kgopo ha se a di kgeloha.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 15:7
21 Referencias Cruzadas  

Empa bakgopo ha ba jwalo, ba jwaloka mooko o fefolwang ke moya;


O tla a olosa, a ye le moya, sefefo se a hasanye; empa thabo ya hao e tla ba Jehova, kganya ya hao e be Mohalaledi wa Iseraele.


Basiria botjhabela, le Bafilesta bophirimela, hore ba je Iseraele ka molomo o ahlamileng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Hobane setjhaba sena ha se kgutlele ho ya se otlang, ha se batle Jehova wa makgotla.


Ka baka leo, o neele bana ba bona tlala, o ba telle lerumo; basadi ba bona ba hloke bana, e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu, le bahlankana ba bona ba hlajwe ke lerumo ntweng.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Ke tla neela Babilona matsohong a baditjhaba, ba tla mo hlokola, ba kgohose lefatshe, le be feela; hobane ba tla mo teela hare ka nqa tsohle, tsatsing la tlokotsi.


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Haele wena, mora motho, etlare hobane ke tlose hara bona qhobosheane ya bona, e leng thabo ya boikgohomoso ba bona, le takatso ya mahlo a bona, le hlokomelo ya meya ya bona, ke re, bara ba bona le baradi ba bona;


Ke tla tlisa batho ho lona, e leng ho re setjhaba sa ka sa Iseraele. Ba tla o rua, o tla ba lefa la bona, mme ha o sa tla ba tima bana.


Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


se tswalwang ke wena se tla rohakwa, le se behwang ke lefatshe la hao, le katiso ya makgomo a hao, le dikonyana tsa manku a hao.


Bara ba hao le baradi ba hao ba tla neelwa setjhaba sesele, mme mahlo a hao a tla bona hoo, mme a tla teneha ke ho ba lebella letsatsi lohle, mme matla a tla ba siyo matsohong a hao.


O tla tswala bara le baradi, empa e ke ke ya eba ba hao, hobane ba tla iswa kgolehong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos