nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;
Jeremia 45:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tle o mmolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Bona, seo ke se hahileng ke ya se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba jwalo le lefatshe lena kaofela. BIBELE “Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle. |
nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;
Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.
Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.
O ba hlomile; ba kentse metso, ba medile, ba beile ditholwana. O haufi le melomo ya bona, o mpa o le hole le dipelo tsa bona.
Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.
O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.
Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.
Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.