Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 45:4 - BIBELE

4 “Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O tle o mmolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Bona, seo ke se hahileng ke ya se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba jwalo le lefatshe lena kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 45:4
12 Referencias Cruzadas  

nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;


Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.”


Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.


O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena!


Jwalokaha ke ile ka hlokomela hore ke ba falatse, ke ba dihe, ke ba lahlele fatshe, ke ba ripitle, ke ba hlokofatse, ka mokgwa o jwalo ke tla hlokomela hore ke ba tsitsise, ke ba hodise,” ho rialo Morena.


O runtsolotse Tempele ya hae, a e runtsolla sa lephephe tshimong, sebaya sa hae sa diphutheho a se ripitla. Morena o entse hore Sione e lebale, e lebale matsatsi a mekete, e lebale le Disabatha; ha kgalefo ya hae e tuka malakabe, a nyedisa kgosi le yena moprista.


“Bonang, jwale ke tla mo qekisa, ke ye le yena kwana lehwatateng, teng ke bue le yena ka lerato.


“Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos