a mpa a batla Modimo wa bontatae, mme a tsamaya ka ditaelo tsa wona, a se ke a ya ka mokgwa wa Baiseraele.
Jeremia 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke na be ke itse: Etlare hobane a etse tseo kaofela, o tla boela ho nna; empa ha a ka a boela; mme Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, o kile a bona. BIBELE Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: ‘O tla kgutlela ho nna!’ Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena. |
a mpa a batla Modimo wa bontatae, mme a tsamaya ka ditaelo tsa wona, a se ke a ya ka mokgwa wa Baiseraele.
Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?
Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.
Hobane ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e hlile e nthetsitse hampe, ho bolela Jehova.
Moholwane wa hao ke Samaria hammoho le baradi ba hae, ba ahileng nqa letsohong le letshehadi ho wena; mme moenao, ya ahileng nqa letsohong le letona ho wena, ke Sodoma hammoho le baradi ba hae.
Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.
Setjhaba sa ka se tiiseditse ho nkwenehela; leha ba biletswa hodimo, ha ho le a mong ya emisetsang pelo ya hae teng.
ba metse e mmedi, e meraro, ba ya ba ntse ba thekesela motseng o mong ho ya nwa metsi, empa ba se ke ba kgolwa; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna ho bolela Jehova.
Juda o etsa ka bolotsana, ho etswa manyala Iseraeleng le Jerusalema, hobane Juda o hlompholla sehalalelo sa Jehova, seo a se ratang, o nyala moradi wa modimo osele.