Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Juda o etsa ka bolotsana, ho etswa manyala Iseraeleng le Jerusalema, hobane Juda o hlompholla sehalalelo sa Jehova, seo a se ratang, o nyala moradi wa modimo osele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 2:11
27 Referencias Cruzadas  

Yaba Shekania, mora Jehiele, wa bara ba Elame, o bua, a re ho Esdrase: Re ikgantsheditse Modimo wa rona, re nyetse basadi basele ba ditjhaba tsa lefatshe lena; leha ho le jwalo, tshepo e sa le teng bakeng sa Iseraele hodima taba eo.


Oho, jwale, le se ke la nea bara ba bona baradi ba lona, mme le se ke la nkela bara ba lona baradi ba bona; le se ke la batla setswalle sa bona, leha e le matlotlo a bona le ka mohla o le mong, le tle le tsebe ho ipha matla, mme le je monono wa naha, le be le e siele bana ba lona e be lefa ka ho sa feleng.


Ba kgomarela Baale-Peore, ba eja mahlabelo a hlabetsweng bafu;


Iseraele e ne e le ntho e kgethehileng ho Jehova, dithakangwaha tsa leruo la hae; ba mo jang bohle ba ne ba na le molato, ba ne ba hlahelwa ke bobe, ho bolela Jehova.


Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.


le ntano tla, le ema pela ka ka tlung ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, mme le re: Re namoletswe! athe ke hore ho etswe manyala ao kaofela na?


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


ha hao, e mong o etsa manyala le mosadi wa wa habo, e mong o silafatsa ngwetsi ya hae ka bohlola, e mong o kokobetsa kgaitsedie, moradi wa ntatae.


Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana.


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Ke bona boporofeta ba lentswe la Jehova le rometsweng Iseraele ka Malakia:


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos