Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tlung ya motho ya etsang jwalo, Jehova o tla kgaola ditenteng tsa Jakobo ya fadimehang, le ya arabang, le ya hlahisang sehlabelo ho Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Mang kapa mang ya etsang tsena Morena a ke a mo leleke setjhabeng sa Iseraele, leha a ka tlisa dinyehelo ho Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 2:12
28 Referencias Cruzadas  

Ba laolelwa dikabelo tsa bona ka lotho, e monyenyane le e moholo, ya rutehileng le ya rutwang.


Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


Ba tla jara bokgopo ba bona; seo bokgopo ba ya botsang bo tla ba sona, bokgopo ba moporofeta bo tla ba sona,


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!


Hobane bohle ba tlang ho etsa leha le le leng la manyala ao, ba tla tloswa hara setjhaba sa ba habo bona.


Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.


Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.


Jehova o tla boloka ditente tsa Juda pele, hore kganya ya ntlo ya Davida le kganya ya baahi ba Jerusalema e se ke ya phahama ho fetisa ya Juda.


Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.


Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.


Ha ke re, rona kaofela re tswetswe ke motho a le mong? Na ha re a bopjwa ke Modimo o le mong na? Re etsetsana keng he ka bolotsana e mong le e mong le ngwanabo, re hlompholla keng selekane sa bontata rona?


Ditente tsa hao di ntle hakakang, Jakobo! Le meaho ya hao, Iseraele!


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Ke kahoo ke anetseng ntlo ya Eli, ka re: Bokgopo ba ntlo ya Eli ha bo ka ke ba hlatsuwa ka mahlabelo, leha e le ka nyehelo, le ka mohla o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos