Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:7 - BIBELE

7 Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: ‘O tla kgutlela ho nna!’ Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke na be ke itse: Etlare hobane a etse tseo kaofela, o tla boela ho nna; empa ha a ka a boela; mme Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, o kile a bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:7
15 Referencias Cruzadas  

a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


“Na ha o eso lemohe seo batho baa ba se buileng, ba re: ‘Morena o boetse o lahlile malapa a mabedi ao a neng a a kgethile e leng Iseraele le Juda?’ Ka baka leo, ba nyedisitse setjhaba sa ka, hore ba se hlole ba se tadima e le setjhaba.


Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntlhoketse botshepehi haholo,” ho rialo Morena.


Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena.


Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona.


Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Baahi ba metse e mmedi, e meraro, ba phaila, ba ya motseng o le mong, ba phaila jwalo ba ilo nwa metsi; ba a nwa, empa ba se ke be ba kgolwa; leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos