Jeremia 3:6 - BIBELE6 Mehleng ya puso ya kgosi Josiya, Morena a boela a re ho nna: “Na o bone kamoo Iseraele wa mokwenehi a entseng kateng? O hlweletse hodima maralla wohle a phahameng, a ya tlasa difate tsohle tse talana, a etsetsa bootswa hona moo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng. Ver Capítulo |
Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.