Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e hlile e nthetsitse hampe, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntlhoketse botshepehi haholo,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:11
9 Referencias Cruzadas  

Ra utlwa dipina tse tswang dipheletsong tsa lefatshe, tse reng: Kganya ho ya lokileng! Empa nna ka re: Ke senyehile! ke senyehile! Ho madimabe nna! Mashodu a utswa, mashodu a ya le kgapo.


Ha o a ka wa di utlwa le hanyenyane, ha o a ka wa di tseba, mme ditsebe tsa hao ha di a ka tsa bulelwa tsona pele, hobane ke tsebile hoba o lehata, le hoba o bitsitswe moikgantshi esale o etswa popelong ya mmao.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.


Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova.


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


Jehova, ba mo entse ka bolotsana, hobane ba tswetse bara ba bonyatsi; jwale, kgwedi e ntjha e tla ba ja hammoho le masimo a bona.


Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos