La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jehova a re ho nna: Iseraele mokwenehi yena o lokile ho fetisa Juda ya sa tshepehang.

Ver Capítulo

BIBELE

Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi.

Ver Capítulo



Jeremia 3:11
9 Referencias Cruzadas  

Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.


Kgutlang, bana ba kwenehileng, mme ke tla fodisa bokwenehi ba lona. Bona, re ya tla ho wena, hobane o Jehova, Modimo wa rona.


Ke na be ke itse: Etlare hobane a etse tseo kaofela, o tla boela ho nna; empa ha a ka a boela; mme Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, o kile a bona.


Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.


Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.


Oholiba, ngwanabo, a bona hoo, mme a bodisa lerato la hae le leholo ho feta eo, a etsa bohlola bo fetang bootswa ba ngwanabo.


Setjhaba sa ka se tiiseditse ho nkwenehela; leha ba biletswa hodimo, ha ho le a mong ya emisetsang pelo ya hae teng.


Hobane Iseraele o a ikgantsha, o tshwana le sethole se sa thapeng. Jwale, Jehova o tla ba fudisa, ba be jwaloka konyana feelleng.