Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ba kgutletse dibeng tsa bo-ntata bona moholo, ba neng ba hane ho mamela dipolelo tsa ka. Ba latetse medimo esele, ba e sebeletsa. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba sentse selekane seo ke neng ke se etse le bo-ntata bona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:10
36 Referencias Cruzadas  

ba fetoha bakwenehi le ba mano jwaloka bontata bona, ba eba jwaloka seqha se thetsang;


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


Setjhaba sena se kgopo se hanang ho utlwa lentswe la ka, se tsamayang ka ditakatso tsa pelo ya sona, se latelang medimo ya ditjhaba ho e sebeletsa le ho e kgumamela, se tla ba jwaloka senyepa sena se se nang thuso;


Empa ha ba ka ba utlwa leha e le ho sekeha ditsebe, ba ile ba satalatsa melala, hore ba se ke ba utlwa, ba se ke ba amohela thuto.


Mme ho tla thwe: Ke hobane ba hlile ba lebetse selekane sa Jehova, Modimo wa bona, ba kgumametse medimo esele, ba e sebeleditse.


e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.


Haele lentswe leo o re bolellang lona ka lebitso la Jehova, re ke ke ra o utlwa.


Ba mpa ba sa ka ba utlwa; ha ba ka ba sekeha ditsebe tsa bona, hore ba bake bolotsaneng ba bona, mme ba lese ho tjhesetsa medimo esele dibano.


O ba bolelle, o re: Sena ke setjhaba se sa utlweng lentswe la Jehova, Modimo wa sona, mme ha se amohele tayo; nnete e fedile, e kgaoletswe melomong ya bona.


Moaho wa hao o hara ba mano; manong a bona ba hana ho ntseba, ho bolela Jehova.


Hobane Morena Jehova o re: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, wena ya nyedisitseng kano ka ho roba selekane.


ao ka wona le nnileng la kenya bara ba baditjhaba, bao e leng maqai dipelong le maqai nameng, sehalalelong sa ka ho se silafatsa, e leng ntlo ya ka, ha le ne le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, hore ba tlole selekane sa ka ka ho ya ka manyala wohle a lona.


empa o entse bokgopo, o ikgantsheditse ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsa bahedene, o ikgantsheditse le dikomelo tsa ka ho feta dinaha tse mo teetseng hare, hobane ba lahlile ditaelo tsa ka, mme ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka.


Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.


Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana.


Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.


ha le nyedisa melao ya ka, mme le tenwa ke dikahlolo tsa ka; ha le sa ye ka melao ya ka, mme le roba selekane sa ka,


le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.


Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Empa ba hanne ho mamela, ba satalatsa mahetla a bona; ba etsa ditsebe tsa bona boima, hore ba se ke ba mamela;


Jwalokaha a ne a bitsitse, mme ba sa ka ba utlwa, ba tla bitsa, mme nke ke ka utlwa, ho bolela Jehova wa makgotla;


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.


e seng jwaloka selekane seo ke neng ke se etse le bontata bona, mohla ke ba tshwereng ka letsoho, ka ba ka ba ntsha naheng ya Egepeta; hobane ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, mme ke ba lahlile ke hona, ho itswalo ke Morena.


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.


Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.


Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos