La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 27:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

O a laetse ho marena a wona, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bolelle marena a lona, le re:

Ver Capítulo

BIBELE

O laele maqosa ao hore a tle a re ho beng ba wona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bolellang beng ba lona, le re:

Ver Capítulo



Jeremia 27:4
8 Referencias Cruzadas  

Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.


Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona.


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.


o di romele ho morena wa Edomo, le ho morena wa Moabe, le ho morena wa bana ba Ammone, le ho morena wa Tire, le ho morena wa Sidone, ka manqosa a tlileng Jerusalema ho Tsedekia, morena wa Juda.


Ke nna ya entseng lefatshe, le batho, le diphoofolo tse bophareng ba lefatshe, ka matla a maholo a ka le ka letsoho la ka le otlolotsweng, mme ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha.


Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.