Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:4 - BIBELE

4 O laele maqosa ao hore a tle a re ho beng ba wona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bolellang beng ba lona, le re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O a laetse ho marena a wona, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bolelle marena a lona, le re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:4
8 Referencias Cruzadas  

Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng.’ ”


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


“Jwale o tle o re ho bona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nwaang, le tahwe, le hlatse, le we, le se ke la hlola le tsoha, ka baka la sabole eo ke tla le bolaya ka yona.’


Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda.


Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke beile joko ya tshepe hodima melala ya ditjhaba tsena tsohle, hore di tle di sebeletse Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Di tla mo sebeletsa, mme ke bile ke mo neile le diphoofolo tsa naha.’ ”


Modimo wa Jakobo ha a tshwane le medingwana, hobane yena ke mmopi wa tsohletsohle, o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae: Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos