Jeremia 27:5 - BIBELE5 Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Ke nna ya entseng lefatshe, le batho, le diphoofolo tse bophareng ba lefatshe, ka matla a maholo a ka le ka letsoho la ka le otlolotsweng, mme ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona. Ver Capítulo |
“Botsisisang tsa matsatsi a kgale, a bileng teng le eso be teng, ho tloha mohla letsatsi leo Modimo a neng a bope motho ka lona lefatsheng; le botse ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe ya lehodimo: Na ntho e kgolo, e kang ee, e kile ya eba teng? Kapa na e kang yona e kile ya utluwa?