Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 o di romele ho morena wa Edomo, le ho morena wa Moabe, le ho morena wa bana ba Ammone, le ho morena wa Tire, le ho morena wa Sidone, ka manqosa a tlileng Jerusalema ho Tsedekia, morena wa Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:3
12 Referencias Cruzadas  

Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele.


Swaba, Sidone, hobane lewatle le a bolela, qhobosheane ya lewatle e re: Ha ke tsebe bohloko ba ho beleha, ha ke a beleha; ha ke a ka ka hodisa bahlankana kapa barwetsana.


Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.


O a laetse ho marena a wona, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bolelle marena a lona, le re:


Selemong sona seo, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, selemong sa bone, ka kgwedi ya bohlano, Hanania, mora Assure, moporofeta wa Gibeone, a mpolella ditaba pontsheng ya baprista le ya setjhaba kaofela ka tlung ya Jehova, a re:


Mora motho, Nebukadresare, morena wa Babilona, o sebedisitse makgotla a hae mosebetsi o moholo Tire; dihlooho tsohle di phumuhile ke hona, mahetla wohle a phumuhile selota; mme hona teng Tire, yena le makgotla a hae ha ba ka ba bona moputso le o mong wa mosebetsi oo ba o sebeditseng teng.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos