Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di ntsebe, di tsebe hore ke nna Morena. Bona e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsa bona tsohle.
ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela, ba tadimile nqa lefatsheng la bona leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao,
Ke beile mantswe a ka molomong wa hao, ke o apesitse ka moriti wa letsoho la ka, ke tle ke ale mahodimo a matjha ke thee lefatshe le letjha, mme ke re ho Sione: O setjhaba sa ka!
seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,
Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.
Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.
Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Ke tla le phutha ditjhabeng, ke le bokelle dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, mme ke tla le nea lefatshe la Iseraele.
hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova.
Ha ba sa tla itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikgantsho yohle ya bona; ke tla ba ntsha meahong yohle ya bona eo ba sitilweng ho yona, ke ba hlwekise, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.
Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.
Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.
Haele selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ke sona sena, ho bolela Morena: Ke tla kenya melao ya ka kelellong tsa bona, ke e ngole dipelong tsa bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, le bona e tla ba setjhaba sa ka.
Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.