Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 24:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “ ‘Empa ha e le Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, le masalla a Jerusalema a ntseng a le naheng ena, le a phelang naheng ya Egepeta, bohle ke tla ba tshwantsha le feiye ena e bodileng hoo e ke keng ya jewa,’ ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 24:8
18 Referencias Cruzadas  

Bara ba Josiase ke Jokanane, wa letsibolo; wa bobedi ke Jojakime, wa boraro ke Tsedekia, wa bone ke Shallume.


Yaba ke ya Eufrate, ka tjheka, ka nka senyepa hona moo ke neng ke se patile; mme bonang, senyepa se ne se bodile, se se se se na thuso.


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Seroto se seng se ne se na le difeiye tse monate jwaloka difeiye tsa dithakangwaha, seroto se seng se ena le difeiye tse mpe haholo, tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Jwaloka ha difeiye tsena di le monate, ba tshwerweng ba Juda, bao ke ba tlositseng nqalong ena, ke ba isitseng lefatsheng la Bakalde, ke tla nne ke ba tadime ho ba etsa hantle.


Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Eitse hobane Jeremia a qete ho bolella setjhaba kaofela mantswe wohle a Jehova, Modimo wa bona, ao Jehova, Modimo wa bona, a mo romileng ho bona ka wona, mantswe wona ana kaofela,


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos