Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 e leng mantswe ao ke neng ke a bolelle bo-ntata lona moholo, ha ke ne ke ba ntsha Egepeta, seboping sa mollo se entsweng ka tshepe.’ Ka na ka re: Mmameleng, le phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona, mme le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:4
39 Referencias Cruzadas  

Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.


A kgomarela Jehova, a se ke a lesa ho mo latella; a nna a boloka taelo tsa hae, tseo Jehova a di laetseng Moshe.


empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.


Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa. Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.


Bona, ke o hlwekisitse, empa ha ke a ka ka fumana silefera; ke o lekile seboping sa mahlomola.


Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka.


Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.


Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.


Mme le tla nne le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.


Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.


hore ba tle ba tsamaye ka dikomelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e etse; e tle e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova.


Le tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee bontata lona, le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.


Ha ba sa tla itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikgantsho yohle ya bona; ke tla ba ntsha meahong yohle ya bona eo ba sitilweng ho yona, ke ba hlwekise, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


Tabernakele ya ka e tla ba hodima bona, mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Yaba Nebukadnesare o atamela pela molomo wa sebopi sa mollo o bohale, a bua, a re: Shadrake, Meshake, le Abede-Nego, bahlanka ba Modimo o hodimodimo, tswang, le tle mona! Yaba Shadrake, Meshake, le Abede-Nego ba tloha hara mollo.


Ke tla itsamaela hara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka.


Ekare ha le latela ditaelo tsa ka, mme le boloka melao ya ka, le ya ka yona,


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Ba leng hole ba tla tla, ba hahe ntlo ya Jehova, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona; ho tla ba jwalo, ha le utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


ke tla ba tlisa, ba tle ba ahe kahara Jerusalema, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona ka nnete le ka ho loka.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


hlohonolofatso ha le ka utlwa ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona kajeno;


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos