Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ke tle ke phethe kano eo ke e anneng ho bontata lona moholo, ka re: Ke tla ba nea lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Yaba ke a araba, ka re: Ho be jwalo, Jehova!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.” Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:5
16 Referencias Cruzadas  

Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!


O hopola selekane sa hae ka ho sa yeng kae, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete:


Etlere ha Jehova a le fihlisitse lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baheve, le la Bajebuse, leo a hlapanyeditseng bontata lona hore o tla le nea lona, lefatshe le kollang lebese le dinotshi, le tle le etse mokgwa ona ka kgwedi ena.


Ke tla etsa nqalo ena jwalo le baahi ba teng, ho bolela Jehova, motse ona ke o etse o tshwanang le Tofethe.


moporofeta Jeremia a re: A ho be jwalo! Jehova a ke a etse jwalo! Jehova a ke a etsahatse lentswe la hao leo o le porofetileng bakeng sa ho busetsa nqalong ena mafiso a ntlo ya Jehova, le bohle ba leng kgolehong Babilona!


O ba neile lefatshe lena leo o kileng wa anela bontata bona hore o tla ba nea lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Ha ho se jwalo, ekare ha o leboha ka moya, ana ya dutseng setulong sa ya sa tsebeng a ka tiisa jwang teboho ya hao ka amen ya hae, haele mona a sa tsebe seo o se bolelang?


Oho! Iseraele, di utlwe hle, mme o itiise ho boloka melao eo, o tle o be le lehlohonolo, mme le ate haholo lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos