La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 22:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ditjhaba tse ngata di tla feta pela motse ona; e mong le e mong o tla re ho molekane wa hae: Ho ya kang, ha Jehova a entse motse oo o moholo jwalo na?

Ver Capítulo

BIBELE

“Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: ‘Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?’

Ver Capítulo



Jeremia 22:8
13 Referencias Cruzadas  

Etlare ha o tsebisitse setjhaba sena ditaba tseo kaofela, ha ba re: Na Jehova o re bolella kotsi e kgolo hakale keng? Bokgopo ba rona keng, le sebe sa rona keng, seo re sitetsweng Jehova, Modimo wa rona, ka sona na?


Molaodi wa balebedi a nka Jeremia, a mmolella, a re: Jehova, Modimo wa hao, o ne o boletse bobe boo hodima nqalo eno.


Mme Jehova o bo hlahisitse, o entse kamoo a neng a boletse kateng, kahobane le sitetswe Jehova, mme ha le a ka la mamela lentswe la hae; ke moo le hlahetsweng ke taba tseo.


Marena a lefatshe le baahi kaofela ba dinaha tse ahilweng, ba ne ba sa kgolwe hobane sera le molwantshi ba ne ba tla kena ka menyako ya Jerusalema.


Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ba tla le tshedisa, hobane le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tle le tsebe hoba hase feela ha ke mo etsa tsohle tseo ke mo etsang tsona: ho rialo Morena Jehova.


Ditjhaba di tla tseba hoba ba ntlo ya Iseraele ba ne ba isitswe kgolehong ka baka la bokgopo ba bona, le kahobane ba ne ba ntshitetswe: ke ne ke ba patele sefahleho sa ka ke hona ka ba neela matsohong a dira tsa bona, ba ba ba dihuwa ke lerumo kaofela ha bona.


Hoo e tla ba sekgobo le nyediso, thuto le makatso pontsheng ya ditjhaba tse o teetseng hare, mohla ke o hlahisetsang dikahlolo ka bohale, le ka kgalefo, le ka dikgalemelo tse bohloko. Ke nna Jehova ke buang taba tsena.


Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.