Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:8 - BIBELE

8 “Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: ‘Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ditjhaba tse ngata di tla feta pela motse ona; e mong le e mong o tla re ho molekane wa hae: Ho ya kang, ha Jehova a entse motse oo o moholo jwalo na?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:8
13 Referencias Cruzadas  

“Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: ‘Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?’


Molaodi wa balebedi ba kgosi a re ho Jeremia: “Morena Modimo wa hao, ke yena ya ileng a rerela sebaka sena koduwa ena.


Jwale Morena o e phethahaditse, o entse kamoo a itseng o tla etsa kateng hobane le sitetswe Morena, la se ke la mamela lentswe la hae; ka baka lena, koduwa ena e le wetse hodimo.


Dikgosi tsa lefatshe di ne di sa kgolwe, le baahi bohle ba lefatshe ba sa kgolwe, hore kgoro tsa motse wa Jerusalema di ka kenwa, tsa kenwa ke sera, tsa kenwa ke mofutuhi!


Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.”


Le tla tshediseha ha le bona boitshwaro ba bona, le diketso tsa bona, hobane le tla be le tseba hore tsena di entswe ke nna ka mabaka, ho rialo Morena Modimo.”


Baditjhaba ba tla tseba hore ba ntlo ya Iseraele ba ile ba iswa bothopuweng ka baka la bokgopo ba bona, hobane ba ile ba ntshitelwa. Ka baka leo, ke ile ka ba patela sefahleho sa ka, ka neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, mme bohle ba ile ba bolawa ka sabole.


Mohla ke phethahatsang kahlolo ya ka hodima hao ka bohale, ke o kgalemela, ke halefile, o tla fetoha sekgobo, o nyedisehe; o be thuto le sesomo ho ditjhaba tsohle tse o potapotileng. Nna Morena ke buile.


“Oho, Morena, o lokile, empa rona re hlajwa ke dihlong kajeno, rona banna ba Juda, le baahi ba Jerusalema le Baiseraele bohle ba haufi le ba hole, ba dinaheng tsohle tseo o ba qhalanyeditseng ho tsona ka baka la ho o hlokela botshepehi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos