Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, mohla morena Tsedekia a romang ho yena Pashkure mora Malkia, le Sofonia mora Maaseia, moprista, ka ho re:
Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia:
Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng.
Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.
hammoho le banababo bona ba neng ba etsa tshebeletso ya ntlo, e le batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a mashome a mabedi a metso e mmedi; le Adaia, mora Jerohame, mora Pelalia, mora Amtsi, mora Sakaria, mora Pashkure, mora Malkija,
Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ekare ha o rometse mangolo ka lebitso la hao ho setjhaba kaofela se Jerusalema le ho Sofonnia, mora Maaseia, moprista, le ho baprista kaofela, a reng:
ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.
Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.
Morena Tsedekia a romela Jukale, mora Shelemia, le Sofonia, mora Maaseia, moprista, ho moporofeta Jeremia, ka ho re: Ako re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona.
Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bolellang morena wa Juda, ya le romileng ho nna ho mpotsa, le re: Bona, makgotla a Faro a tswetseng lona ho le tlatsa, a tla boela lefatsheng la habo Egepeta;
Shefathia, mora Matthane, le Gedalia, mora Pashkure, le Jukale, mora Shelemia, le Pashkure, mora Malkia, ba utlwa mantswe ao Jeremia a neng a ntse a a bolella setjhaba kaofela, a re:
Yaba morena Tsedekia o romela ho lata moporofeta Jeremia, a mmiletsa ho yena monyakong wa boraro wa ntlo ya Jehova. Yaba morena o bolella Jeremia, a re: Ke sa o botsa taba, o se ke wa mpatela letho.