Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 37:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bolellang morena wa Juda, ya le romileng ho nna ho mpotsa, le re: Bona, makgotla a Faro a tswetseng lona ho le tlatsa, a tla boela lefatsheng la habo Egepeta;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: ‘Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 37:7
22 Referencias Cruzadas  

Haele morena wa Juda ya le romileng ho botsa Jehova, mmolelleng, le re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Haele ka taba tseo o di utlwileng,


Haele morena wa Egepeta, ha a ka a boela a tloha fatsheng la hae, hobane morena wa Babilona a ne a nkile naha e neng e le ya morena wa Egepeta, ho qala molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Eufrate.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Hobane thuso ya Egepeta ke lefeela le bosawana; ke ka baka leo ke bitsang hoo: Modimo o moholo o sa sebetseng letho.


Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


Mme jwale, o elang ka tsela ya Egepeta ho nwa metsi a Nile? O elang ka tsela ya Assiria ho nwa metsi a Eufrate?


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, mohla morena Tsedekia a romang ho yena Pashkure mora Malkia, le Sofonia mora Maaseia, moprista, ka ho re:


O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.


Morena Tsedekia a romela Jukale, mora Shelemia, le Sofonia, mora Maaseia, moprista, ho moporofeta Jeremia, ka ho re: Ako re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona.


Makgotla a Faro a ne a tswile Egepeta; Bakalde ba neng ba thibella Jerusalema ba ne ba utlwile taba tseo, mme ba ne ba tlohile pela Jerusalema.


Yaba lentswe la Jehova le tla ho moporofeta Jeremia, la re:


Matsatsing a hae a mahlomola le a tshenyeho, Jerusalema o hopola ntho tsohle tse ratehang tsa hae, tseo a neng a ena le tsona mehleng ya pele. O di hopola jwale, ha setjhaba sa hae se wetse matsohong a dira, ho se ya mo thusang; dira di a bona, di soma ka bomadimabe ba hae.


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


Esita le Faro, a ke ke a tla mo lwanela ka sera se seholo, leha e le ka setjhaba se sengata, ha ho etswa ditutudu, mme ho hahuwa lerako le potang, hore ho tle ho bolawe batho ba bangata.


Mmuso oo ha o sa tla tshepisa ba ntlo ya Iseraele letho; o tla ba hopotsa bokgopo ba bona, ba mohla ba neng ba retelehela ho wona; mme ho tla tsejwa hoba ke nna Morena Jehova.


Ka baka leo, Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya tla ho Faro, morena wa Egepeta, ke robe matsoho a hae, le leng e leng le matla, le leng e leng le robehileng; mme ke tla wesa lerumo letsohong la hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos