Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlosa dibetsa tsa ntwa tse matsohong a lona, tseo ka tsona le lwantshang morena wa Babilona le Bakalde ba le thibeletseng kantle ho marako, ke tle ke di bokelle motseng ona.
Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.
Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle Tsedekia, morena wa Juda, o re o yena: Ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o tjhese ka mollo.
Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.
Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.
Basadi ba hao kaofela le bana ba hao ba tla iswa ho Bakalde, le wena o tla sitwa ho phonyoha matsohong a bona, o mpa o tla tshwarwa ke letsoho la morena wa Babilona, mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka baka la hao.