Jeremia 21:1 - BIBELE1 Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia: Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, mohla morena Tsedekia a romang ho yena Pashkure mora Malkia, le Sofonia mora Maaseia, moprista, ka ho re: Ver Capítulo |
Bana babo bona, ba neng ba sebeletsa ka Tempeleng, ba ne ba le makgolo a robedi le mashome a mabedi a metso e mmedi. Hape e ne e le Adaya, ya tswetsweng ke Jerohame, Jerohame ya tswetsweng ka Pelaleya, Pelaleya ya tswetsweng ke Amasi, Amasi ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Pashahure, Pashahure ya tswetsweng ke Malakiya.