Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba morena Tsedekia o romela ho lata moporofeta Jeremia, a mmiletsa ho yena monyakong wa boraro wa ntlo ya Jehova. Yaba morena o bolella Jeremia, a re: Ke sa o botsa taba, o se ke wa mpatela letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Kgosi Sedekiya, a eme monyakong wa boraro wa ntlo ya kgosi, a laela hore a bitsetswe Jeremia. Kgosi ya re ho Jeremia: “Ho na le seo ke ratang ho o botsa sona; o mpolelle tsohle, o sa mpatele letho.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:14
11 Referencias Cruzadas  

Morena a araba, a re: O se ke wa mpatela taba leha e le nngwe eo ke tla o botsa yona. Mosadi a re: Bua, morena, monga ka.


le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa matona a hae, le diaparo tsa wona, le baqhatsetsi ba hae, le methathinyana eo a nyolohelang tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,


Morena a re ho yena: Ke tla o antsha hakae, hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?


Le mathule a kwahetsweng a Sabatha a hahilweng ka tlung, le monyako wa morena o kantle, a di fetola ka tlung ya Jehova, ka baka la morena wa Assiria.


Morena a re ho yena: Ke tla o antsha ho isa kae hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?


Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi!


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos