ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona.
Jeremia 14:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela. BIBELE Ke hobaneng o kang motho ya tsielehileng? O kang senatla se sitwang ho re pholosa? Oho, Morena, wena o hara rona, wena o itse re setjhaba sa hao; oho, se re furalle ke hona! |
ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona.
O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, o se ke wa leleka mohlanka wa hao ka kgalefo! O thuso ya ka! O se ke wa ntahla, o se ke wa ntlohela, Modimo wa poloko ya ka!
Modimo o mahareng a wona; o ke ke wa sisinyeha; o fuwa thuso ke Modimo e sa le mafube a meso.
Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.
e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.
Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?
Bonang, letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa, le ditsebe tsa hae ha di a thibana, hore a sitwe ho utlwa;
Re fetohile setjhaba se jwaloka tseo o sa kang wa di busa, tse sa kang tsa bitswa ka lebitso la hao.
Mantswe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse wona; mantswe a hao ho nna e bile thabo le nyakallo pelong ya ka, hobane ho rapetswe lebitso la hao hodima ka, Jehova, Modimo wa makhotla.
Hobane Iseraele le Juda ha ba ka ba lahlwa ke Modimo wa bona, e leng Jehova wa makgotla, mme lefatshe la Bakalde le tletse melato pontsheng ya Mohalaledi wa Iseraele.
Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?
Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).
Jehova, ke tla howeletsa ho le hokae, o sa nkutlwe? Ke tla bitsa ho wena ho le hokae ka baka la ho tsohelwa matla, o sa mpholose?
haele nna, ho bolela Jehova, ke tla ba ho wona lerako la mollo le o teetseng hare, ke be kganya ya wona hara wona.
Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!
Jehova a re ho Moshe: A letsoho la Jehova le honyeditswe na? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka ho wena le tla etsahala, kapa tjhe.
hore batho ba setseng ba batle Morena, le tsona ditjhaba kaofela, tseo lebitso la ka le rapelwang hodima tsona; ho rialo Morena ya etsang dintho tseo tsohle.
Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.
Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla.
Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hoba o bitswa ka lebitso la Jehova, mme di tla o tshaba.
Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.
Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.
Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.