Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:3
39 Referencias Cruzadas  

o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


Jehova o moholo, o tshwanetse ho rokwa motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e halalelang.


Ke tla aha hara bana ba Iseraele, ke be Modimo wa bona;


Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.


Ke tla boela ke o tlisetse baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba jwaloka ba ho qala; o ntoo bitswa motse wa ho loka, motse o tshepehang.


Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.


Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.


Ke moo ho loka ho tla ikahela lefeelleng, bokgabane bo hlole bo le teng serapeng.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.


Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.


Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.


Mikea wa Moreshethe o kile o porofeta mehleng ya Esekiase, morena wa Juda, mme a nna a bolella setjhaba kaofela sa Juda, a re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema e be qubu ya majwe, thaba ya ntlo e be thota ya moru.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


Ke tla phetetsa madi a bona ao ke esong ho a phetetse; mme Jehova o tla aha Sione.


Mehleng ya bofelo, thaba ya ntlo ya Jehova e tla be e thewe qhoweng tsa dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba di tla phallela teng.


Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.


Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.


Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele.


Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,


Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos