Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Sione ka poulelo e kgolo, ke bile ke o boulela ka kgalefo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Morena wa mabotho o bua tjena: Ke boulela Sione haholo; ke e boulela ke halefile haholo.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:2
12 Referencias Cruzadas  

Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?


Ebile moo Jehova a boulelang lefatshe la hae, mme a hauhela setjhaba sa hae.


Jehova ke Modimo o boulelang, o phetetsang; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o iphetetsa ho ba mo lwantshang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng dira ho yena.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Yaba lentswe la Jehova wa makgotla le a tla, la re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos