Jeremia 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho itswe ke Jehova: Ke tla bodisa bokgabane ba Juda jwalo, le bokgabane ba Iseraele bo boholoholo. BIBELE Morena o bua tjena: “Jwalokaha senyepa sena se senyehile, le boikgantsho ba Juda, le boikgantsho bo boholo ba Jerusalema, ke tla bo fedisa jwalo. |
Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.
Jehova wa makgotla ke yena ya rerileng taba eo, a tla fokotse kganya ya boholo bohle, le ho apesa bohle ba hlomphuwang lefatsheng ka nyatso.
e leng Jerusalema, le metse ya Juda, le marena a teng, le baholo ba teng, ho ba etsetsa tshenyeho le makatso, le sesomo, le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;
Re utlwile boikgohomoso ba Moabe, moikgohomosi e moholo, le boikgantsho ba hae, le boikakaso ba hae, le boithoriso ba hae, le ho phahama ha pelo ya hae.
E ne e le baikakasi, ba ne ba etsa manyala pela ka; ka ba tlosa ke hona, mohla ke bonang tseo.
Athe mehleng ya boikgohomoso ba hao, molomo wa hao o ne o ila ho bitsa Sodoma ngwaneno;
Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.
Hobane Jehova o tla busa kganya ya Jakobo, e leng kganya ya Iseraele; hobane balobi ba ba lobetse, ba sentse makala a merara ya bona.
Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.
Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.
Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.