Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:9 - BIBELE

9 Morena o bua tjena: “Jwalokaha senyepa sena se senyehile, le boikgantsho ba Juda, le boikgantsho bo boholo ba Jerusalema, ke tla bo fedisa jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho itswe ke Jehova: Ke tla bodisa bokgabane ba Juda jwalo, le bokgabane ba Iseraele bo boholoholo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:9
19 Referencias Cruzadas  

Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela.


Ke Morena wa mabotho ya rerileng hona, ho fedisa boikgantsho ba bohle ba tlotlwang, ho kokobetsa bohle ba tummeng lefatsheng.


Jwale lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;


“Boikgantsho ba Moabe re bo utlwile, boikgantsho bo boholo le mabela a yona, boikgantsho ba yona le bona boikakaso, esita le mabifi a pelo ya yona.


Ba ne ba ikakasa, ba etsa manyala mahlong a ka; kahoo ka ba fedisa jwalokaha le wena o bone.


Ha o ne o sa ntsane o ikgohomosa, o ne o sa rate le ho bitsa lebitso la ngwaneno Sodoma,


Ke tla fedisa matla ao le ikgohomosang ka wona, lehodimo le ke ke la le nesetsa pula, mme lefatshe la lona le tla omella jwaloka tshepe.


Morena o tla tsosolosa tlotla ya Jakobo, a e tsosolose le tlotla ya Iseraele, le hoja basenyi ba mo hlobodisitse, ba hataketse makala a morara wa hae.


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos