Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Nahume 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane Jehova o tla busa kganya ya Jakobo, e leng kganya ya Iseraele; hobane balobi ba ba lobetse, ba sentse makala a merara ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Morena o tla tsosolosa tlotla ya Jakobo, a e tsosolose le tlotla ya Iseraele, le hoja basenyi ba mo hlobodisitse, ba hataketse makala a morara wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Nahume 2:2
14 Referencias Cruzadas  

O re kgethetse lefa la rona, mokgabo wa Jakobo eo a mo ratang. (Sela.)


Bakeng sa hoba o ne o tlohetswe, o hloilwe, mme ho ne ho se motho ya haolang ka wena, ke tla o etsa motse o kganyang ka ho sa yeng kae, ke o bee ya thabelwang mefuteng le mefuteng.


Hobane bonang, motse ona o bitswang ka lebitso la ka ke tla simolla ka wona ho hlahisa bobe; mme lona le be le ka phema kotlo na? Le ke ke la e phema, hobane nna ke memela baahi bohle ba lefatshe lerumo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Moabe o nnile a iketla esale le botjheng ba hae, a nna a itulela ditshifeng tsa hae, ha a ka a tshollelwa pitseng e nngwe ka pitseng e nngwe, ha a ka a ya kgolehong; ka baka leo, ho nkga ha hae ho nnile ha eba teng ho yena, monko wa hae ha o a ka wa fetoha.


Hoja ebe bakotudi ba merara ba kena ho wena, ha ke re, ba ne ba tla siya ho ka kgwahlapiswang na? Hoja ebe e le mashodu a bosiu, ha ke re, a ne a tla senya ka ho lekana feela?


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Ha ba sa tla itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikgantsho yohle ya bona; ke tla ba ntsha meahong yohle ya bona eo ba sitilweng ho yona, ke ba hlwekise, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


Ikgelle metsi, hobane o se o tla thibellwa; tiisa diqhobosehane tsa hao: kena seretseng, o dube mobu, o hahe sebopi sa ho besa makote.


Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos