Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.
Ka baka leo, tsela ya bona ho bona e tla ba jwaloka nqalo e boreledi, e lefifi; ba tla kgothometswa, ba wele teng, hobane ke tla ba hlahisetsa tsietsi mohla ke ba kgalemelang; ho bolela Jehova.
Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.
Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ba tla kgwahlapisa masala a Iseraele, jwalokaha ho kgwahlapiswa morara. O busetse letsoho la hao dirotong, jwalokaha ho etswa ke ya kgwahlapisang.
Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.
Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse.
Ya fetang ba bang ka molemo o jwaloka tshehlo, le ya ba fetang ka ho loka o hlaba le ho fetisa lekgwakgwa la meutlwa. Letsatsi le boletsweng ke dibohodi tsa hao, letsatsi la kotlo ya hao le tlile; ke moo ba tla tsieleha.
ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.