Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ya fetang ba bang ka molemo o jwaloka tshehlo, le ya ba fetang ka ho loka o hlaba le ho fetisa lekgwakgwa la meutlwa. Letsatsi le boletsweng ke dibohodi tsa hao, letsatsi la kotlo ya hao le tlile; ke moo ba tla tsieleha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ya lokileng ho ba feta o ka hlabahlabane, ya tshepahalang ho ba feta o ka lekgwakgwa le baletswe ka leoka. Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile, letsatsi leo Modimo a tla o otla ka lona, nako ya hore ba ferekane jwale e fihlile.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:4
16 Referencias Cruzadas  

Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?


Hobane ke letsatsi la matsoso, la ho tujwa, le la moferefere, le laotsweng ke Morena, Jehova wa makgotla, sekgutlong sa dipono; ho heletswa marako, mehoo ya tshoho e dumaela dithabeng.


Bakeng sa sehlahla ho tla mela kiprese, le mirte sebakeng sa moutlwa, mme hoo ho tla tumisa lebitso la Jehova, e be kgopotso e sa feleng, e ke keng ya fediswa.


Ntho tseo ke bosawana, ke mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang, di tla fela.


Ha ho ka ke ha phonyoha le a mong ho bona, hobane ke tla hlahisetsa batho ba Anathothe kotsi ngwaheng wa kgalemelo ya bona.


Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Ha ho sa tla ba moutlwa o hlabang, kapa tsenene e bohloko ho ntlo ya Iseraele hara bohle ba e teetseng hare, ba neng ba e nyedisa, ho tle ho tsejwe hobane ke nna Morena Jehova.


A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.


Empa haele le medisang meutlwa le dibajwa feela, lona le ye le lahlwe, le okamelwe ke thohako, mme taba ya lona ya qetello ke ho tjheswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos