Jeremia 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo. BIBELE Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.” |
Ke tla hotetsa mollo matlung a medimo ya Egepeta; Nebukadresare o tla a tjhesa, a ise medimo kgolehong; o tla ipopa ka lefatshe la Egepeta jwaloka modisa ha a ipopa ka kobo ya hae, mme o tla tloha teng ka kgotso.
O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.
Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.
Morena Jehova o re: Ke tla timetsa le ditshwantsho, ke fedise medimo ya lefeela naheng ya Nofe; ha ho sa tla ba morena eo e leng wa naha ya Egepeta, mme ke tla hasa letsoso naheng ya Egepeta.
Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.
Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.
La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, mme la e holehela dilemo tse sekete.
Ha ba boela ba tsoha e sa le ka meso ka la hosasane, ba bona Dagone a boetse a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, hlooho ya Dagone le diatla tse pedi tsa hae di kgaohile, di le pela monyako, ho setse setopo sa hae feela.