Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 O tla be a pshatle le difika tseo le di kgumamelang, tse Bete-Shemeshe, naheng ya Egepeta, ditempele tsa medimo ya Baegepeta a di tjhese ka mollo.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:13
13 Referencias Cruzadas  

Faro a rea Josefa lebitso la Tsafnathe-Paeneake (mophutholli wa tse patilweng), mme a mo nea mosadi, Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One. Yaba Josefa o ya hlahloba lefatshe la Egepeta.


Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.


Mohlang oo, metse e mehlano e tla ba teng Egepeta e tla bua puo ya Kanana, e ane ka Jehova wa makgotla; o mong ho yona o tla rewa Ire-Haherese (motse wa letsatsi).


Ba dihilwe, ba rapaladitswe hammoho; ba sitwa ho boloka diphahlo tsa bona, hobane le bona ba ya kgolehong ka sebele sa bona.


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


le Faro, morena wa Egepeta, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le setjhaba sa hae kaofela;


Ke tla hotetsa mollo matlung a medimo ya Egepeta; Nebukadresare o tla a tjhesa, a ise medimo kgolehong; o tla ipopa ka lefatshe la Egepeta jwaloka modisa ha a ipopa ka kobo ya hae, mme o tla tloha teng ka kgotso.


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.


Ka ditlhako tsa dipere tsa hae, o tla hata diterata tsa hao tsohle; setjhaba sa hao o tla se bolaya ka lerumo, ditshiya tse thata tsa hao di helehele fatshe.


Morena Jehova o re: Ke tla timetsa le ditshwantsho, ke fedise medimo ya lefeela naheng ya Nofe; ha ho sa tla ba morena eo e leng wa naha ya Egepeta, mme ke tla hasa letsoso naheng ya Egepeta.


Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besethe ba tla wa ka lerumo, batho ba teng ba ye kgolehong le bona.


O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos