Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 43:13 - BIBELE

13 O tla be a pshatle le difika tseo le di kgumamelang, tse Bete-Shemeshe, naheng ya Egepeta, ditempele tsa medimo ya Baegepeta a di tjhese ka mollo.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:13
13 Referencias Cruzadas  

Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.


Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo.


E kgatheng la ho wa, e ketoha hammoho, e sitwa ho ithola morwalo, medingwana eo le yona e ya bothopuweng.


Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.”


le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae,


Ke tla besa mollo ka ditempeleng tsa medimo ya Egepeta; Nebukadenesare o tla tjhesa ditempele tseo, a hape medimo eo a e ise bothopuweng. Jwalokaha modisa a ye a hlwekise kobo ya hae ka ho e runa dinta, le Nebukadenesare o tla hlwekisa naha ya Egepeta jwalo, ebe o tloha teng ka kgotso.


Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia malebana le Bajuda bohle ba ahileng naheng ya Egepeta, e leng ba ahileng Migedole le Tahepanehese le Nofa, naheng ya Patarose, la re:


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro.


Ditlhako tsa dipere tsa hae di tla hatakela diterata tsa hao tsohle. O tla bolaya setjhaba sa hao sohle ka sabole, ditshiya tsa hao di wele fatshe.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ke tla timetsa le medingwana, medingwana ya bohata, ke fedise tshwantsho tsa medimo, ke di fedise naheng ya Nofa; ha ho sa tla ba le kgosana naheng ya Egepeta, pelong tsa Baegepeta teng ke kenye tshabo.


Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besete ba tla bolawa ka sabole thekong ya ntwa, baahi ba metse ena ba ye bothopuweng.


O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos