Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 44:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia malebana le Bajuda bohle ba ahileng naheng ya Egepeta, e leng ba ahileng Migedole le Tahepanehese le Nofa, naheng ya Patarose, la re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:1
19 Referencias Cruzadas  

le Bapatrusime, le Bakasluhime, bao Bafilesta ba tswileng ho bona, le Bakaftorime.


Bolella bana ba Iseraele hore ba kgelohe, mme ba hlome ditente pela Pi-Hahirothe, dipakeng tsa Migdole le lewatle, malebana le Baale-Tsefone; le hlome ditente maloka le teng pela lewatle.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Baholo ba Tsowane ba fetohile mahlanya, baholo ba Nofe ba thetsitswe, Egepeta e kgelositswe ke dihlooho tsa meloko ya yona.


Le hona bana ba Nofe le ba Takpanese ba o beola hlooho.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.


Yaba banna kaofela ba neng ba tseba hobane basadi ba bona ba tjhesetsa medimo esele dibano, le basadi kaofela ba neng ba eme teng, ba phuthehile ba le bangatangata, le setjhaba kaofela se ahileng lefatsheng la Egepeta, Pathrose, ba fetola Jeremia, ba re:


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


O iketsetse dithoto tsa ho ya kgolehong, moahi, moradi wa Egepeta, hobane Nofe o tla etswa lefeella, a fetohe dithako, a be a hloke moahi.


ke ya tla ke hona ho wena le ho dinoka tsa hao, ke etse naha ya Egepeta dithako tse omeletseng, tse feela, ho tloha Migdole, ho tlisa Siene, le ho isa moeding wa Kushe.


ke tla lata Baegepeta ba ileng kgolehong, ke tle ke ba busetse naheng ya Pathrose, naheng eo ba tswaletsweng ho yona, mme teng ba tla etsa mmuso o nyenyefetseng.


Morena Jehova o re: Ke tla timetsa le ditshwantsho, ke fedise medimo ya lefeela naheng ya Nofe; ha ho sa tla ba morena eo e leng wa naha ya Egepeta, mme ke tla hasa letsoso naheng ya Egepeta.


Ke tla etsa Pathrose lesupi, ke tjhese Tsowane; ke tla hlahisetsa No dikahlolo.


Ke tla besa mollo Egepeta; Sine o tla kudupana, No a heletswe, Nofe a kenwe ke dira motshehare.


Haele Takpanese, motshehare o tla fetoha lefifi, mohla ke robang joko ya Egepeta teng, mme boikgohomoso ba teng bo matla bo felang. Leru le letsho le tla apesa motse oo, mme barwetsana ba teng ba tla ya kgolehong.


Hobane ba se ba tla falla ka baka la tshenyeho, Egepeta o tla ba bokella, Memfise a ba epele. Ntho tse ntle tsa bona tsa silefera di tla apeswa ke bobatsi, meutlwa e mele matlung a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos