eo lentswe la Jehova le kileng la tla ho yena mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.
A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao.
Empa setjhaba sa lefatshe la Juda sa bolaya bohle ba fetohetseng morena Amone, mme setjhaba sa lefatshe sa bea mora hae, Josiase, morena tulong tsa hae.
Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase, morena a romela mongodi Shafane, mora Atsalia, mora Meshullame, tlung ya Jehova, a re:
Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.
Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.
O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.
Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.
Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Mikea wa Moreshethe, mehleng ya Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, e leng tseo a di boneng hodima Samaria le Jerusalema:
Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Sofonia, mora Kushi, mora Gedalia, mora Amaria, mora Esekiase, mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda.